Batswadi ba ntse ba kolokile ka ntle ho diofisi tsa setereke tsa Lefapha la Thuto la Gauteng, ka borwa ho Johannesburg, ho tloha hoseng ha Mantaha, ba labalabela ho fumanela bana ba bona dikolo.

Lefapha la thuto le na le marang-rang bakeng sa ho beha sehlopha sa pele le sa borobeli. Leha ho le jwalo, batswadi ba bangata ha ba e-so fumane dikarabo.

Gugulethu Seema ke e mong wa batswadi ba tsielehileng ba letileng moleng.

“Ke mona ho tla tseba hore na dikolo tseo re di kopileng dia mo amohela hobane re saletswe ke matsatsi a 2 hore dikolo di bulwe. Ke hloka ho tseba hore na ke etse eng ka ngwana wa ka hobane ke rekile unifomo le dintho tse ding. Tsohle di hlophilwe. Empa o dutse hae a tsielehile a sa tsebe hore na a ye hokae. Hoa kgopisa. Re kentse kopo inthaneteng, lekgetlo la pele ha sistimi e putlama. Re ile ra etsa kopo hape; e ile ya feta empa re ntse re emetse karabo.

 

Source: SABCNEWS

SHARE THIS